×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 113

1
Haleluja! Lona bahlanka ba Morena, mo roriseng, le rorise lebitso la Morena.
2
Ho bokwe lebitso la Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle.
3
Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho roriswe lebitso la Morena.
4
Morena o phahametse tjhaba tsohle, tlotla ya hae e okametse mahodimo.
5
Ke mang ya kang Morena, Morena Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, teroneng e hodimodimo,
6
empa a ikokobeletsa ho tadima mahodimo le lefatshe?
7
O tsosa mofutsana leroleng, a phahamise mohloki thotobolong;
8
a mo dudise le mahosana, le mahosana a setjhaba sa habo.
9
O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja!
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha