BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao. |
| 2 |
| Keng ha baditjhaba ba ka re: “O kae Modimo wa bona?” |
| 3 |
| Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang. |
| 4 |
| Medimo ya bona ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho. |
| 5 |
| E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone. |
| 6 |
| E na le ditsebe, empa ha e utlwe; e na le dinko, empa ha e fofonele. |
| 7 |
| E na le matsoho, empa ha e tshware; e na le maoto, empa ha e tsamaye; ha ho modumo o tswang qoqothong tsa yona. |
| 8 |
| Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang. |
| 9 |
| Lona ba ntlo ya Iseraele, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. |
| 10 |
| Lona ba ntlo ya Arone, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. |
| 11 |
| Lona ba tshabang Morena, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. |
| 12 |
| Morena o ntsa re hopotse, o tla re hlohonolofatsa; a hlohonolofatse ba ntlo ya Iseraele, a hlohonolofatse ba ntlo ya Arone, |
| 13 |
| a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo. |
| 14 |
| Morena a ke a le ngatafatse, lona le bana ba lona. |
| 15 |
| Morena a ke a le hlohonolofatse, yena ya entseng mahodimo, a etsa le lefatshe. |
| 16 |
| Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho. |
| 17 |
| Hase bafu ba ka rorisang Morena, leha e le ba theohetseng lebitleng. |
| 18 |
| Empa ke rona ba phelang ba ka bokang Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. Haleluja! |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/115.mp3
150
115