|
| 1 |
|
| Ho lehlohonolo ba metsamao e se nang kodi, ba tsamayang ka Molao wa Morena. |
|
| 2 |
|
| Ho lehlohonolo ba latelang ditemoso tsa hae, ba mmatlang ka pelo tsohle tsa bona; |
|
| 3 |
|
| ba sa etseng tse sa lokang, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae. |
|
| 4 |
|
| O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala. |
|
| 5 |
|
| Eka nka tiya metsamaong ya ka, ka phetha thato ya hao. |
|
| 6 |
|
| Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao. |
|
| 7 |
|
| Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng, ha ke se ke ithutile dikahlolo tsa hao tse lokileng. |
|
| 8 |
|
| Ke tla phetha thato ya hao, o se ke wa ntahlela ruri. |
|
| 9 |
|
| Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka. |
|
| 10 |
|
| Ke o batla ka pelo ya ka yohle; se ntumelle ho kgeloha, ho kgeloha melao ya hao. |
|
| 11 |
|
| Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa. |
|
| 12 |
|
| Ho bokwe wena Morena; ako nthute thato ya hao. |
|
| 13 |
|
| Ka molomo wa ka ke bolela dikahlolo tsohle tse tswang molomong wa hao. |
|
| 14 |
|
| Ke thabela ho latela ditemoso tsa hao, ho feta maruo wohle. |
|
| 15 |
|
| Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao. |
|
| 16 |
|
| Ke thabela ho phetha thato ya hao, nke ke ka lebala lentswe la hao. |
|
| 17 |
|
| Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo, ke tle ke phele, ke mamele lentswe la hao ka hloko. |
|
| 18 |
|
| Ntutubolle mahlo, ke bone dimakatso tsa Molao wa hao. |
|
| 19 |
|
| Ke mofeti mona lefatsheng; o se ke wa mpatela melao ya hao. |
|
| 20 |
|
| Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle. |
|
| 21 |
|
| O kgalemela baikgohomosi, baikgohomosi ba rohakehileng, ba kgelohang melao ya hao. |
|
| 22 |
|
| Ako tlose sekgobo le nyediso ho nna, hobane ke latela ditemoso tsa hao. |
|
| 23 |
|
| Leha mahosana a kopane, a kopanetse ho nthera, nna, mohlanka wa hao, ke nahana thato ya hao. |
|
| 24 |
|
| E, ditemoso tsa hao di a nthabisa, ke baeletsi ba ka. |
|
| 25 |
|
| Ke rapaletse leroleng; ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao. |
|
| 26 |
|
| Ke o boleletse metsamao ya ka, wa nkaraba; ako nthute thato ya hao. |
|
| 27 |
|
| Nthute, ke utlwisise tsela ya ditaelo tsa hao, ke tle ke nahane dimakatso tsa hao. |
|
| 28 |
|
| Moya wa ka o lliswa ke maswabi; ako mmatlafatse ho ya ka lentswe la hao. |
|
| 29 |
|
| Nqobise tsela ya leshano, o nkgauhele ka ho nthuta Molao wa hao. |
|
| 30 |
|
| Ke ikgethetse tsela ya nnete, dikahlolo tsa hao ke di hlokometse. |
|
| 31 |
|
| Ke kgomaretse ditemoso tsa hao; oho, Morena, ke se ke ka hlajwa ke dihlong. |
|
| 32 |
|
| Ke tla matha tseleng ya melao ya hao, hobane wena o ntokolotse. |
|
| 33 |
|
| Morena, nthute ho tsamaya ho ya ka thato ya hao, ke tle ke e latele ho isa qetellong. |
|
| 34 |
|
| Nnee kutlwisiso ke tle ke hlomphe Molao wa hao, ke o boloke ka pelo ya ka yohle. |
|
| 35 |
|
| Ntsamaise tseleng ya melao ya hao, hobane ke a e thabela. |
|
| 36 |
|
| Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao, ho ena le ho rata maruo. |
|
| 37 |
|
| Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao. |
|
| 38 |
|
| Phethisetsa mohlanka wa hao tshepiso eo o e etseditseng ba o tshabang. |
|
| 39 |
|
| Ntlose sekgobo seo ke se tshabang, hobane dikahlolo tsa hao di lokile. |
|
| 40 |
|
| Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao. |
|
| 41 |
|
| Morena, ako ntshitse ka mohau wa hao, o mpholose ho ya ka tshepiso ya hao; |
|
| 42 |
|
| ke tle ke tsebe ho araba ba nnyefolang, hobane ke tshepile lentswe la hao. |
|
| 43 |
|
| Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao. |
|
| 44 |
|
| Ke tla nne ke boloke Molao wa hao, ke o boloke kamehla le mehla. |
|
| 45 |
|
| Ke tla phela ka bolokolohi, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao. |
|
| 46 |
|
| Ke tla bua ka ditemoso tsa hao, ke bue ka tsona kapele ho dikgosi, ke sa hlajwe ke dihlong. |
|
| 47 |
|
| Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo. |
|
| 48 |
|
| Ke tla hlompha melao ya hao, ke nahane thato ya hao. |
|
| 49 |
|
| Hopola lentswe leo o le buileng, wa le bua ho mohlanka wa hao, hobane le nneile tshepo. |
|
| 50 |
|
| Ho hlopheheng ha ka se ntshedisang ke sena: Tshepiso ya hao e nnea bophelo. |
|
| 51 |
|
| Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao. |
|
| 52 |
|
| Morena, ke hopola dikahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tsa boholoholo, mme ke a tshediseha. |
|
| 53 |
|
| Ke halefiswa haholo ke ba kgopo, ba furallang Molao wa hao. |
|
| 54 |
|
| Thato ya hao ke pina ho nna, fatsheng lena leo ke leng mofeti ho lona. |
|
| 55 |
|
| Bosiu ke hopola lebitso la hao, lebitso la hao Morena, mme ke boloka Molao wa hao. |
|
| 56 |
|
| Lehlohonolo la ka ke lena: Ke bolokile ditaelo tsa hao. |
|
| 57 |
|
| Morena, ke itse kabelo ya ka ke ho mamela mantswe a hao ke a mamele ka hloko. |
|
| 58 |
|
| Ke o rapela ka pelo ya ka yohle: Ako nkgauhele ho ya ka tshepiso ya hao. |
|
| 59 |
|
| Ke hlahlobile metsamao ya ka, mme ke kgutletse tseleng eo o mpontshitseng yona. |
|
| 60 |
|
| Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha ho boloka melao ya hao. |
|
| 61 |
|
| Le hoja maraba a ntshwasitse, maraba a ba kgopo a ntshwasitse, ha ke a lebala Molao wa hao. |
|
| 62 |
|
| Ke tsoha ka seroko ho o boka, ka baka la kahlolo tsa hao, kahlolo tse lokileng. |
|
| 63 |
|
| Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao. |
|
| 64 |
|
| Lefatshe lohle le tletse mohau wa hao, Morena; ako nthute thato ya hao. |
|
| 65 |
|
| Morena, o entse tse molemo, wa di etsetsa mohlanka wa hao, ho ya ka lentswe la hao. |
|
| 66 |
|
| Nthute bohlale le tsebo, hobane ke tshepa melao ya hao. |
|
| 67 |
|
| Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao. |
|
| 68 |
|
| Wena o molemo, o etsa tse molemo; ako nthute thato ya hao. |
|
| 69 |
|
| Le hoja baikgohomosi ba nneta ka leshano, ke tla boloka ditaelo tsa hao, ke di boloke ka pelo ya ka yohle. |
|
| 70 |
|
| Pelo tsa bona di tsherehane, empa nna ke thabela Molao wa hao. |
|
| 71 |
|
| Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao. |
|
| 72 |
|
| Ho molemo ho nna ho ba le Molao o tswang ho wena, ho ena le ho ba le diketekete tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera. |
|
| 73 |
|
| O mpopile ka matsoho a hao, wa nnea sebopeho; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke ithute melao ya hao. |
|
| 74 |
|
| Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao. |
|
| 75 |
|
| Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala. |
|
| 76 |
|
| Mohau wa hao o ke o ntshedise, ho ya ka tshepiso eo o e entseng, wa e etsetsa mohlanka wa hao. |
|
| 77 |
|
| Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao. |
|
| 78 |
|
| Baikgohomosi ba ntubang, ba ntubang ka mashano, ba ke ba hlajwe ke dihlong, empa nna ke tla nahana ditaelo tsa hao. |
|
| 79 |
|
| Ba o tshabang ba ke ba kgutlele ho nna, le ba tsebang ditemoso tsa hao. |
|
| 80 |
|
| Pelo ya ka e ke e phethe thato ya hao ka ho tlala, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong. |
|
| 81 |
|
| Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao. |
|
| 82 |
|
| Mahlo a ka a motela ke ho lebella tshepiso ya hao, ke re: “Ekaba o tla ntshedisa neneng?” |
|
| 83 |
|
| Le hoja ke le jwaloka lekuka, lekuka le ka mosing, ha ke a lebala thato ya hao. |
|
| 84 |
|
| Mohlanka wa hao o sa tla phela ho le hokae? Bahlorisi ba ka o tla ba ahlola neng? |
|
| 85 |
|
| Baikgohomosi ba ntjheketse mamena; bona ba sa yeng ka Molao wa hao. |
|
| 86 |
|
| Melao ya hao yohle ke ya nnete; empa bona ba ntlhorisa ka mashano, ako nthuse. |
|
| 87 |
|
| Ba batile ba ntlosa lefatsheng, empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao. |
|
| 88 |
|
| Ako nnee bophelo ka mohau wa hao, ke latele ditemoso tse tswang ho wena. |
|
| 89 |
|
| Morena, lentswe la hao ke la mehla yohle, le tiile jwaloka mahodimo. |
|
| 90 |
|
| Botshepehi ba hao ke ba meloko yohle, o theile lefatshe, mme le tsitsitse. |
|
| 91 |
|
| Ho ya ka dikahlolo tsa hao, tsohle di ntse di tiile: Dintho tsohle di a o sebeletsa. |
|
| 92 |
|
| Hoja Molao wa hao e ne e se thabo ya ka, nka be ke timeditswe ke ho hlopheha ha ka. |
|
| 93 |
|
| Nke ke ka lebala ditaelo tsa hao le ka mohla, hobane ke ka tsona o nneang bophelo. |
|
| 94 |
|
| Ke wa hao, ako mpholose, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao. |
|
| 95 |
|
| Ba kgopo ba ntaletse hore ba ntimetse, empa ke hlokometse ditemoso tsa hao. |
|
| 96 |
|
| Ke bone hore tsohle tse phethehileng di na le bofelo, empa Molao wa hao ha o na moedi. |
|
| 97 |
|
| Molao wa hao ke o rata hakaakang! ke o nahana letsatsi lohle. |
|
| 98 |
|
| Molao wa hao o ntlhalefisa ho feta dira tsa ka, hobane ke na le wona kamehla yohle. |
|
| 99 |
|
| Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao. |
|
| 100 |
|
| Ke feta maqheku ka kutlwisiso, hobane ke boloka ditaelo tsa hao. |
|
| 101 |
|
| Ke qobisa maoto a ka ditsela tsohle tse kgopo, ke tle ke mamele lentswe la hao ka hloko. |
|
| 102 |
|
| Ha ke furalle dikahlolo tsa hao, hobane ke wena ya nthutileng tsona. |
|
| 103 |
|
| Ditshepiso tsa hao di latsweha hamonate hakaakang! Di feta mahe a dinotshi ka hanong la ka. |
|
| 104 |
|
| Ke na le kutlwisiso ka baka la ditaelo tsa hao, ka baka leo, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano. |
|
| 105 |
|
| Lentswe la hao ke lebone maotong a ka, ke lesedi tseleng ya ka. |
|
| 106 |
|
| Ke ikanne, ke eme ke tiile: Ke tla ya ka kahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tse lokileng. |
|
| 107 |
|
| Ke kokobeditswe ka ho fetisisa; oho, Morena, ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao. |
|
| 108 |
|
| Morena, amohela diteboho tse tswang molomong wa ka, o nthute dikahlolo tsa hao. |
|
| 109 |
|
| Bophelo ba ka bo kotsing kamehla, empa ha ke lebale Molao wa hao. |
|
| 110 |
|
| Ba kgopo ba ntjhehetse leraba, empa ha ke kgelohe ditaelo tsa hao. |
|
| 111 |
|
| Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka. |
|
| 112 |
|
| Ke rerile ka pelong ya ka ho phetha thato ya hao kamehla, ho e phetha ho isa qetellong. |
|
| 113 |
|
| Ke hloile bo-temepedi, ke rata Molao wa hao. |
|
| 114 |
|
| O setshabelo sa ka le thebe ya ka, ke tshepile lentswe la hao. |
|
| 115 |
|
| Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka. |
|
| 116 |
|
| Mmatlafatse ho ya ka tshepiso ya hao, ke tle ke phele; o se ke wa ntshwabisa, hobane ke o tshepile. |
|
| 117 |
|
| Nthuse, ke tle ke pholohe, ke nne ke thabele ho phetha thato ya hao. |
|
| 118 |
|
| O nyedisa bohle ba kgelohang thato ya hao, hobane masene a bona ke lefeela. |
|
| 119 |
|
| Bohle ba lefatshe ba kgopo o ba tadima e le manya, kahoo ke rata ditemoso tsa hao. |
|
| 120 |
|
| Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao. |
|
| 121 |
|
| Ke phethile toka le ho lokileng; o se ke wa ntlohella matsohong a bahatelli ba ka. |
|
| 122 |
|
| Sireletsa mohlanka wa hao, mohlanka wa hao a tle a atlehe, baikgohomosi ba se ke ba mo hatella. |
|
| 123 |
|
| Mahlo a ka a motela ke ho lebella ho pholosa ha hao, le ho lebella tshepiso ya hao, tshepiso ya hao e lokileng. |
|
| 124 |
|
| Tshwara mohlanka wa hao hantle ho ya ka mohau wa hao, o nthute thato ya hao. |
|
| 125 |
|
| Ke mohlanka wa hao, ako nnee kutlwisiso, ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao. |
|
| 126 |
|
| Morena, ke nako ya hore o sebetse, hobane ba tlotse Molao wa hao. |
|
| 127 |
|
| Ruri ke rata melao ya hao, ke e rata ho feta kgauta, le hona kgauta e hlwekisitsweng; |
|
| 128 |
|
| kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano. |
|
| 129 |
|
| Ditemoso tsa hao di a tsoteha, ke ka hoo ke di latelang. |
|
| 130 |
|
| Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa, ba hlokang mano e ba nea kutlwisiso. |
|
| 131 |
|
| Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo ke ho labalabela melao ya hao. |
|
| 132 |
|
| Retelehela ho nna, o nkgauhele, jwalokaha ho lokela ba ratang lebitso la hao. |
|
| 133 |
|
| Matlafatsa mehato ya ka ho ya ka tshepiso ya hao, o se dumelle hore ke buswe ke bobe. |
|
| 134 |
|
| Ntopolle ho batho ba nkgatellang, ke tle ke boloke ditaelo tsa hao. |
|
| 135 |
|
| Ako bontshe mohlanka wa hao fahleho se kganyang kgotso, o nthute thato ya hao. |
|
| 136 |
|
| Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao. |
|
| 137 |
|
| Morena, wena o lokile, le dikahlolo tsa hao di nepahetse. |
|
| 138 |
|
| Temoso tseo o faneng ka tsona di lokile, di tshepahala haholo. |
|
| 139 |
|
| Tjheseho ya ka e a nqeta, hobane ba ntlhoileng ba lebala mantswe a hao. |
|
| 140 |
|
| Tshepiso ya hao ke ya nnetenete, mohlanka wa hao o a e rata. |
|
| 141 |
|
| Ke monyenyane, ke a nyediseha, empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale. |
|
| 142 |
|
| Ho loka ha hao ke ho loka ha kamehla, Molao wa hao ke nnete. |
|
| 143 |
|
| Ke fihletswe ke matshwenyeho, ke fihletswe ke matswalo, empa melao ya hao ke thabo ya ka. |
|
| 144 |
|
| Ditemoso tsa hao di lokile kamehla; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele. |
|
| 145 |
|
| Morena, ke a ipiletsa, ke ipiletsa ka pelo ya ka yohle, ako nkarabe; ke tle ke phethe thato ya hao. |
|
| 146 |
|
| Ke ipiletsa ho wena, ako mpholose; ke tle ke latele ditemoso tsa hao. |
|
| 147 |
|
| Ke tsoha e sa le ka madungwadungwana, ke lle ho wena, hobane ke tshepile mantswe a hao. |
|
| 148 |
|
| Ke lala ke fadimehile ka nako tsa bosiu, ke ntse ke nahana tshepiso ya hao. |
|
| 149 |
|
| Morena, mamela lentswe la ka, o le mamele ka baka la mohau wa hao, o nnee bophelo ho ya ka kahlolo ya hao. |
|
| 150 |
|
| Bahlorisi ba bolotsana ba a atamela, bona ba holehole le Molao wa hao. |
|
| 151 |
|
| Wena Morena, o haufi, mme melao yohle ya hao ke nnete. |
|
| 152 |
|
| Kgale ke tsebile hore ditemoso tsa hao o di tiisitse, e be tsa mehla yohle. |
|
| 153 |
|
| Ako tadime ho hlopheha ha ka, o nnamolele, hobane ha ke a lebala Molao wa hao. |
|
| 154 |
|
| Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle; o nnee bophelo ho ya ka tshepiso ya hao. |
|
| 155 |
|
| Pholoho e holehole le ba kgopo, hobane ha ba batle thato ya hao. |
|
| 156 |
|
| Lerato la hao le leholo, Morena; ako nnee bophelo ho ya ka dikahlolo tsa hao. |
|
| 157 |
|
| Ba bangata ba ntlhorisang, le ba ntwantshang ba bangata, empa ha ke furalle ditemoso tsa hao. |
|
| 158 |
|
| Ha ke bona bakwenehi ke a teneha, hoba tshepiso ya hao, ha ba e hlokomele. |
|
| 159 |
|
| Morena, bona kamoo ke ratang ditaelo, ke ratang taelo tsa hao kateng! Ako nnee bophelo ho ya ka mohau wa hao. |
|
| 160 |
|
| Nnete ke moko wa lentswe la hao, dikahlolo tsohle tsa hao ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle. |
|
| 161 |
|
| Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka, empa pelo ya ka e tshoswa ke lentswe la hao feela. |
|
| 162 |
|
| Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata. |
|
| 163 |
|
| Leshano ke le hloile, ke a le nyonya; Molao wa hao wona ke a o rata. |
|
| 164 |
|
| Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la kahlolo tsa hao, kahlolo tse lokileng. |
|
| 165 |
|
| Ba ratang Molao wa hao ba na le kgotso e phethehileng, ha ho na se ka ba kgopang. |
|
| 166 |
|
| Morena, ke lebeletse hore o mpholose, ke tle ke phethe melao ya hao. |
|
| 167 |
|
| Ke latela ditemoso tsa hao, ke di rata haholo. |
|
| 168 |
|
| Ke boloka ditaelo tsa hao, le ditemoso tsa hao ke a di boloka, hobane o bona metsamao ya ka yohle. |
|
| 169 |
|
| Morena, sello sa ka se ke se finyelle ho wena; ako nnee kutlwisiso ho ya ka lentswe la hao. |
|
| 170 |
|
| Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena; ako nnamolele ho ya ka tshepiso ya hao. |
|
| 171 |
|
| Molomo wa ka o bolela dithoko tsa hao, hobane o nthuta thato ya hao. |
|
| 172 |
|
| Leleme la ka le ke le bine tsa tshepiso ya hao, hoba melao yohle ya hao e lokile. |
|
| 173 |
|
| Letsoho la hao le ke le nthuse, hoba ke ikgethetse ditaelo tsa hao. |
|
| 174 |
|
| Morena, ke lakatsa ho pholoswa, ho pholoswa ke wena; Molao wa hao ke thabo ya ka. |
|
| 175 |
|
| A nke ke phelele ho o rorisa, dikahlolo tsa hao di ke di nthuse. |
|
| 176 |
|
| Ke lelera jwaloka nku e lahlehileng; ako batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale melao ya hao. |
|
|
|
|