BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba. |
| 2 |
| Morena, ako nnamolele molomong wa ya leshano, le lelemeng la ya thetsang. |
| 3 |
| Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng? |
| 4 |
| O tla newa metsu ya mohale, metsu e ntjhotjho, e tswang mashaleng a hlenneng, mashala a sehalahala. |
| 5 |
| Ho madimabe nna ka ho jaka Mesheke, ka ho aha hara ditente tsa Kedare. |
| 6 |
| Ke nako e telele haholo ke ahile hara ba hloileng kgotso. |
| 7 |
| Nna ke motho wa kgotso, empa ha ke bua ka kgotso, bona ba batla ntwa. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/120.mp3
150
120