×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 124

1
Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo,
2
hoja Morena a se ke a ba le rona, ha batho ba ne ba re tsohela matla,
3
ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;
4
dikgohola di ka be di re hohotse, diphororo di ka be di re pupeditse;
5
metsi a befileng a ka be a re pupeditse.
6
Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je.
7
Re phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la batshwasi; leraba la kgaoha, mme ra phonyoha.
8
Thuso ya rona e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha