BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla. |
| 2 |
| Jwalokaha dithaba di teetse Jerusalema hare, le setjhaba sa hae, Morena o se teetse hare jwalo, ho tloha jwale le kamehla yohle. |
| 3 |
| Efela lere la ba kgopo le ke ke la busa lefatshe le abetsweng ba lokileng, esere ba lokileng ba kenya matsoho a bona bokgopong. |
| 4 |
| Morena, ako etse tse molemo, o di etsetse ba lokileng, le ba pelo di ntle. |
| 5 |
| Empa ba kgelohetseng ditseleng, ditseleng tse matswedintsweke, Morena a ke a ba leleke, a ba leleke le ba kgopo. Kgotso e ke e be teng Iseraele. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/125.mp3
150
125