BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela. |
| 2 |
| Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse. |
| 3 |
| Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso. |
| 4 |
| Jwaloka metsu e letsohong la mohale, bana ba botjha ba motho, le bona ba jwalo. |
| 5 |
| Ho lehlohonolo monna ya tlatsitseng kgohlopo ya hae, a e tlatsa ka yona. A ke ke a hlajwa ke dihlong, ha a ngangisana le dira tsa hae, a ngangisana le tsona kgorong ya motse. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/127.mp3
150
127