×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 129

1
Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, Iseraele a ke a rialo,
2
haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, empa ha ba a ka ba ntlhola.
3
Balemi ba lemile mokokotlong wa ka, ba entse diforo tse telele.
4
Empa Morena o lokile, o kgaotse dikgwele tsa ba kgopo.
5
Bohle ba hloileng Sione ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tjhetjhiswe kasanthao.
6
Ba be jwaloka jwang bo marulelong a matlo, bo ponang pele bo ka fotholwa,
7
boo ho seng ya bo helang, ya ka tlatsang seatla sa hae ka bona, kapa ya tlamang mangata a a nka ka matsoho a hae.
8
Ba fetang ka tsela ba ke ke ba re ho bona: “Tlhohonolofatso ya Morena e ke e be le lona, re le hlohonolofatsa ka lebitso la Morena.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha