BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho wena Morena, ke le tlasetlase. |
| 2 |
| Morena, ako utlwe lentswe la ka! Tsebe tsa hao di ke di mamele ha ke etsa thapedi ya ka. |
| 3 |
| Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang? |
| 4 |
| Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe. |
| 5 |
| Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae. |
| 6 |
| Moya wa ka o lebeletse Morena, ho feta balebedi ba lebeletseng meso, e, ho feta balebedi ba lebeletseng meso. |
| 7 |
| Iseraele a ke a lebelle Morena, hobane Morena o mohau, o na le topollo e kgolo. |
| 8 |
| Ke yena ya tla lopolla Iseraele bokgopong bohle ba hae. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/130.mp3
150
130