BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, ako hopole Davida, le ho hlopheha hohle ha hae, |
| 2 |
| kamoo a neng a hlapanye, a hlapanyetsa Morena kateng, a ikana ho Ya Matla, Modimo wa Jakobo, |
| 3 |
| a re: “Nke ke ka kena ka tlung ya ka, kapa ka paqama diphateng tsa ka; |
| 4 |
| mahlo a ka a ke ke a fumana boroko, le dintshi tsa ka di ke ke tsa tutubala, |
| 5 |
| ho fihlela ke fumanela Morena sebaka, ke fumanela Ya Matla Leaho, Ya Matla, Modimo wa Jakobo.” |
| 6 |
| Areka re e utlwetse Eferata, ra e fumana masimong a Jaare. |
| 7 |
| A re keneng ka Leahong la hae, re itihele kapele ho yena. |
| 8 |
| Tloo, Morena, o ye sebakeng sa hao sa phomolo, wena le areka e bontshang matla a hao. |
| 9 |
| Baprista ba hao ba apeswe ho loka, batshepuwa ba hao ba etse ditlatse. |
| 10 |
| Ka baka la mohlanka wa hao Davida, o se ke wa furalla Motlotsuwa wa hao. |
| 11 |
| Morena o ile a hlapanyetsa Davida, a ke ke a kwenehela tshepiso, tshepiso ena ya nnete, a re: “E mong wa bana ba theka la hao, ke tla mmea teroneng ya hao. |
| 12 |
| Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.” |
| 13 |
| Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae; |
| 14 |
| a re: “Sena ke sebaka sa ka sa phomolo sa kamehla, ke tla aha mona hobane ke ratile jwalo. |
| 15 |
| Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala, mafutsana a yona ke a fepe, ke a fepe, a kgore. |
| 16 |
| Baprista ba yona ke tla ba apesa pholoho, batshepuwa ba yona ba etse ditlatse. |
| 17 |
| “Teng ke tla bea setloholo sa Davida, ke se bee hore e be kgosi e matla, ke lokisetse Motlotsuwa wa ka lebone. |
| 18 |
| Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong; athe yena hloohong ya hae ho tla kganya mofapahlooho wa hae.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/132.mp3
150
132