|
| 1 |
|
| Haleluja! Rorisang lebitso la Morena, mo roriseng, lona bahlanka ba Morena, |
|
| 2 |
|
| ba emang ka Tlung ya Morena, mabaleng a Ntlo ya Modimo, Ntlo ya Modimo wa rona. |
|
| 3 |
|
| Rorisang Morena, hobane Morena o molemo; rokang lebitso la hae, hobane o a rateha. |
|
| 4 |
|
| Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae. |
|
| 5 |
|
| Ruri ke a tseba hore Morena o moholo, Morena wa rona o moholo, o moholo ho medimo yohle. |
|
| 6 |
|
| Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle. |
|
| 7 |
|
| Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng. |
|
| 8 |
|
| Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta, ho qala ka a batho ho isa ho a diphoofolo. |
|
| 9 |
|
| Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae. |
|
| 10 |
|
| Ke yena ya ileng a timetsa, a timetsa ditjhaba tse ngata, a bolaya dikgosi tse matla: |
|
| 11 |
|
| Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana. |
|
| 12 |
|
| A fana ka naha ya bona hore e be lefa, lefa la Iseraele setjhaba sa hae. |
|
| 13 |
|
| Morena, lebitso la hao ke la kamehla yohle; Morena, o tla hopolwa, o hopolwe ke meloko yohle. |
|
| 14 |
|
| Morena o tla ahlola, a ahlolele setjhaba sa hae, mme a qenehele bahlanka ba hae. |
|
| 15 |
|
| Medimo ya bohata ya baditjhaba ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho. |
|
| 16 |
|
| E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone. |
|
| 17 |
|
| E na le ditsebe, empa ha e utlwe; le ho phefumoloha, ha e phefumolohe. |
|
| 18 |
|
| Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang. |
|
| 19 |
|
| Lona, ba ntlo ya Iseraele, bokang Morena; lona ba ntlo ya Arone, bokang Morena; |
|
| 20 |
|
| lona ba ntlo ya Levi, bokang Morena; le lona ba tshabang Morena, bokang Morena. |
|
| 21 |
|
| Morena a ke a bokwe ke ba Sione, yena ya ahileng Jerusalema. Haleluja! |
|
|
|
|