|
| 1 |
|
| Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 2 |
|
| Bokang Modimo wa medimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 3 |
|
| Bokang Morena wa marena; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 4 |
|
| Ke yena a inotshi ya entseng dimakatso tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 5 |
|
| Ke yena ya entseng mahodimo, a a etsa ka bohlale; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 6 |
|
| O adile lefatshe hodima metsi; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 7 |
|
| O entse masedi a maholo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; |
|
| 8 |
|
| letsatsi ho busa motsheare; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; |
|
| 9 |
|
| kgwedi le dinaledi ho busa bosiu; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 10 |
|
| Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 11 |
|
| A ntsha Iseraele naheng ya Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; |
|
| 12 |
|
| ka letsoho le matla le sephaka se otlolohileng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 13 |
|
| O ile a phatlola Lewatle la Sufe koto tse pedi; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 14 |
|
| A tshedisa Iseraele hara lona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 15 |
|
| A dihela Faro le mabotho a hae, a a dihela Lewatleng la Sufe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 16 |
|
| Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba, a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 17 |
|
| O ile a timetsa dikgosi tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 18 |
|
| A bolaya dikgosi tse matla; mohau wa hae ke wa kamehla yohle: |
|
| 19 |
|
| Sihone, kgosi ya Baamore; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; |
|
| 20 |
|
| le Oge, kgosi ya Bashane; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 21 |
|
| A fana ka naha ya bona hore e be lefa; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; |
|
| 22 |
|
| e be lefa la Iseraele, mohlanka wa hae; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 23 |
|
| Ke yena ya ileng a re hopola ha re ne re kokobeditswe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 24 |
|
| A re phamola ho dira tsa rona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 25 |
|
| Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 26 |
|
| Bokang Modimo wa mahodimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
|
|
|