×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 138

1
Pesalema ya Davida. Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke o roka pontsheng ya mangeloi.
2
Ke kgumama ke shebile Tempeleng, Tempeleng ya hao e halalelang, ke boka lebitso la hao ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao; o tumisitse lebitso la hao le tshepiso ya hao ho feta tsohle.
3
Ha ke ne ke ipiletsa ho wena o ile wa nkaraba, wa matlafatsa moya wa ka.
4
Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshe di tla o boka, ha di utlwa mantswe a tswang molomong wa hao.
5
Di tla rorisa ditsela tsa Morena, di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”
6
Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.
7
Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa.
8
Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha