BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Morena ako nnamolele ho batho ba kgopo, o ntshireletse ho batho ba sehloho. |
| 3 |
| Ba loha mano ka dipelong tsa bona, ba qholotsa ntwa kamehla. |
| 4 |
| Ba leotsa maleme a bona a be jwaloka a dinoha, mahloko a marabe a tswa melomong ya bona. |
| 5 |
| Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe. |
| 6 |
| Baikgohomosi ba ntjhehetse sefi, ba nketseditse leraba ka dikgwele, ba ntjheketse mamena pela tsela. |
| 7 |
| Ke itse ho Morena: “Ke wena Modimo wa ka.” Oho, Morena, sekeha tsebe, o sekehele sello sa thapedi ya ka tsebe. |
| 8 |
| Morena, monga ka, mopholosi wa ka ya matla, o sireletsa hlooho ya ka, o e sireletsa ka nako ya ntwa. |
| 9 |
| Morena, se dumelle ditakatso tsa ya kgopo, se dumelle hore di phethahale, le hore merero ya hae e atlehe. |
| 10 |
| Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo. |
| 11 |
| Morena a ba nesetse mashala a tukang, a ba dihele mohohlong oo ba ke keng ba tswa ho wona. |
| 12 |
| Moetseletsi a se hlole a eba teng, e eba teng lefatsheng lena, motho ya sehloho a futuhelwe ke bokgopo, bo mo timetsang. |
| 13 |
| Ke a tseba hore Morena o tla emela a emele nyewe ya mohlophehi, a ahlolele le mofutsana. |
| 14 |
| Ruri ba lokileng ba tla boka lebitso la hao, ba pelo di ntle ba tla phela pontsheng ya hao. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/140.mp3
150
140