BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe; o nkarabe ka baka la botshepehi ba hao, le ka baka la ho loka ha hao. |
| 2 |
| O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng. |
| 3 |
| Sera se a ntelekisa, se nkgatakella fatshe, se mphedisa lefifing jwaloka ba shweleng kgalekgale. |
| 4 |
| Moya wa ka o imetswe, pelo ya ka e thethefetse, e thethefetse ka sefubeng sa ka. |
| 5 |
| Ke hopola ditshiu tsa boholoholo, ke lohotha diketso tsa hao tsohle, ke nahana mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a hao. |
| 6 |
| Ke phahamisa matsoho a ka, ke a phahamisetsa ho wena, moya wa ka o o nyoretswe jwaloka lefatshe le omeletseng. |
| 7 |
| Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng. |
| 8 |
| Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle. |
| 9 |
| Morena, ako nnamolele, o nnamolele direng tsa ka, hobane ke tshabetse ho wena. |
| 10 |
| Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng. |
| 11 |
| Morena, o tla nnea bophelo ka baka la lebitso la hao, o ntopolle matshwenyehong ka baka la ho loka ha hao. |
| 12 |
| Ka baka la mohau wa hao ho nna, o tla timetsa dira tsa ka, o fedise bohle ba ntwantshang, hobane nna ke mohlanka wa hao. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/143.mp3
150
143