×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 145

1
Pesalema ya Davida. Thoko. Ke tla o tumisa, wena Modimo wa ka o leng Kgosi ya ka, ke boke lebitso la hao kamehla le mehla.
2
Ke tla o boka ka letsatsi le leng le le leng, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla.
3
Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe.
4
Moloko ho isa molokong o mong o tlotlisa mesebetsi ya hao, o bonahatsa ketso tsa bonatla ba hao.
5
Batho ba tla bolela kganya ya tlotla ya hao, nna ke nahane dimakatso tsa hao.
6
Ba tla bolela matla a ketso tsa hao tse tshabehang, nna ke phete tsa boholo ba hao.
7
Ba tla etsa kgopotso ya molemo wa hao o moholo, ba etsetse ho loka ha hao ditlatse.
8
Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko, o dieha ho halefa, o tletse mohau.
9
Morena o molemo ho bohle, lerato la hae le aparela mesebetsi yohle ya hae.
10
Morena, mesebetsi yohle ya hao e a o leboha, le batshepuwa ba hao ba a o boka;
11
ba bolela tlotla ya mmuso wa hao, ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao.
12
Ba tsebisa batho bohle diketso tsa bonatla ba hao, le tlotla e kganyang ya mmuso wa hao.
13
Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, le puso ya hao ke ya meloko yohle. Morena o tshepahala dipolelong tsohle tsa hae, o mohau mesebetsing yohle ya hae.
14
Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng.
15
Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang.
16
Ha o fuparolla seatla, o kgorisa tsohle tse phelang ka tseo di di lakatsang.
17
Morena o lokile ho tsohle tseo a di etsang, mesebetsing yohle ya hae o mohau.
18
Morena o haufi le bohle ba mo rapelang, ba mo rapelang kannete.
19
O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.
20
Morena o baballa bohle ba mo ratang, empa bohle ba kgopo o a ba timetsa.
21
Molomo wa ka o ke o rorise Morena; batho bohle ba boke lebitso la hae le halalelang, ba le boke kamehla le mehla.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha