BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Haleluja! Rorisang Morena, lona ba mahodimong, mo roriseng, lona ba hodimodimo. |
| 2 |
| Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela, mo roriseng, lona mabotho a hae wohle. |
| 3 |
| Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi, mo roriseng, lona dinaledi tsohle tse phatsimang. |
| 4 |
| Mo roriseng, lona mahodimo a hodimodimo, le lona metsi a kahodimo ho mahodimo. |
| 5 |
| Tsohle di ke di rorise lebitso la Morena, hobane o ile a laela, mme tsa hloleha. |
| 6 |
| O entse hore di be teng kamehla le mehla, a di beela taelo eo di ke keng tsa e tlola. |
| 7 |
| Rorisang Morena, lona ba lefatsheng, lona dikganyapa tsa mawatle le tsa madiba wohle; |
| 8 |
| lona mollo le sefako, lehlwa le mohodi, moya wa sefefo o phethang taelo ya hae; |
| 9 |
| lona dithaba le maralla wohle, difate tsa ditholwana le tsa dikedare tsohle; |
| 10 |
| lona diphoofolo tsa naha le tsa hae tsohle, dihahabi le dinonyana tse fofang; |
| 11 |
| lona dikgosi tsa lefatshe le lona merabe yohle, mahosana le baahlodi bohle ba lefatshe; |
| 12 |
| lona bahlankana le lona barwetsana, maqheku le lona ba batjha. |
| 13 |
| Tsohle di rorise lebitso la Morena; ke lona feela le lokelang ho tlotliswa, botlotlehi ba hae bo phahame, bo phahametse lefatshe, bo phahametse le mahodimo. |
| 14 |
| O tsositse setjhaba sa hae molota, ke seo batshepuwa ba hae ba ithorisang ka sona, bana ba Iseraele, setjhaba se leng haufi le yena. Haleluja! |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/148.mp3
150
148