BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Morena, ke mang ya ka dulang ka Tempeleng ya hao? Ke mang ya ka ahang thabeng ya hao e halalelang? |
| 2 |
| Ke ya metsamao e se nang kodi, ya etsang tse lokileng; ya buang nnete e tswang pelong ya hae, |
| 3 |
| ya sa etseletseng ka leleme la hae, ya sa etseng mohahabo hampe, ya sa tlameletseng wa habo, |
| 4 |
| ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae. |
| 5 |
| Ha a adimane ka tjhelete ho iphumanela phaello, ha a amohele tjotjo ho ahlola ya se nang molato. Ya etsang tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/015.mp3
150
15