×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 150

1
Haleluja! Rorisang Morena a le sehalalelong sa hae, mo roriseng a le sebakeng sa hae se matla, baka sa hae sa lehodimo.
2
Mo roriseng ka baka la diketso tsa bonatla ba hae, mo roriseng ka baka la boholo ba hae, boholo ba hae bo fetisisang.
3
Mo roriseng ka modumo wa lenaka, mo roriseng ka thomo le ka harepa.
4
Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo;
5
mo roriseng ka mangenengene a ketemanang, mo roriseng ka mangenengene a llang haholo.
6
Tsohle tse phelang di ke di rorise Morena. Haleluja!
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha