BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Ako mpaballe Modimo, hobane ke tshabela ho wena. |
| 2 |
| Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.” |
| 3 |
| Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile. |
| 4 |
| Ba mathang kamora yona ba ipakela mahlomola; nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi, esita le ho bolela mabitso a yona, ho a bolela ka molomo wa ka. |
| 5 |
| Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena. |
| 6 |
| Ke sehetswe kgubung, ruri ke thabela lefa la ka. |
| 7 |
| Ke tla boka Morena, moeletsi wa ka; le bosiu pelo ya ka e a ntemosa. |
| 8 |
| Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, hobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinngwa. |
| 9 |
| Kahoo pelo ya ka e thabile, moya wa ka o nyakaletse, le wona mmele wa ka o tla phomola, o tla phomola o phutholohile; |
| 10 |
| o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng. |
| 11 |
| O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/016.mp3
150
16