×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 19

1
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2
Mahodimo a phatlalatsa tlotla ya Morena, sebaka sa lehodimo se a bolela, se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;
3
letsatsi ka leng le phetela le leng, bosiu ka bong bo tsebisa bo bong,
4
ho se puo, ho se polelo, ho se mantswe a utlwahalang.
5
Empa modumo wa tsona o anetse lefatshe lohle, polelo tsa tsona di finyeletse, di finyeletse pheletsong tsa lefatshe. Mahodimong, Modimo o hlometse letsatsi tente,
6
mme lona le ka monyadi a etswa leqatheng, jwaloka mohale, le thabela ho qeta tsela ya lona.
7
le tjhaba ntlheng e nngwe ya mahodimo, le potoloha ho fella ntlheng e nngwe; ha ho letho le ka balehang mofuthu wa lona.
8
Molao wa Morena o phethehile, ke mmusapelo; temoso tsa Morena di a tshepahala, di hlalefisa sethoto.
9
Melao ya Morena e lokile, e hlatswa pelo; taelo ya Morena e hlakile, e edisa mahlo.
10
Ho tshaba Morena ke ntho e molemo, e ke keng ya fetoha ho isa kgale; dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile.
11
Di kgahleha ho feta kgauta, ho feta le kgauta e hlwekisitsweng haholo; di monate ho feta mahe a dinotshi, mahe a rothang kgekgeng ya tsona.
12
Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo.
13
Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.
14
Phemisa mohlanka wa hao, o mo phemise boikgantsho, o se ke wa dumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka kodi, ke hloke molato wa sebe se seholo.
15
Ako kgahlwe ke mantswe a tswang molomong wa ka, le ke menahano e ka pelong ya ka, wena Morena, lefika la ka, le molopolli wa ka.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha