×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 2

1
Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela?
2
Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:
3
“A re itokolleng ditlamong tsa bona, re lahleng joko ya bona.”
4
Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma.
5
Jwale o bua le bona ka kgalefo, ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re:
6
“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”
7
Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.
8
Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao.
9
O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa. ”
10
Jwale he, halefang, lona dikgosi; eletsehang, lona babusi ba lefatshe.
11
Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo.
12
Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha