×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 20

1
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2
Morena a ke a o arabe tsatsing la matshwenyeho, lebitso la Modimo wa Jakobo le o sireletse.
3
A ke a o thuse a le Sehalalelong, a o tshehetse a le Sione.
4
A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao.
5
A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethahatse merero yohle ya hao.
6
Re ke re etsetse tlholo ya hao ditlatse, re phahamise mekgele ka lebitso la Modimo, bitso la Modimo wa rona. Morena a ke a phethahatse dikopo tsohle tsa hao.
7
Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.
8
Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa, ba bang ba tshepile dipere, empa rona re tshepile lebitso la Morena, lebitso la Morena Modimo wa rona.
9
Bona ba tla kgothometseha, ba we, empa rona re tla ema re tiile.
10
Morena, ako nee kgosi tlholo; re arabele ha re ipiletsa ho wena.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha