BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Kgosi e thabela matla a hao Morena, e nyakallela thuso ya hao hakaakang! |
| 3 |
| O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona. |
| 4 |
| O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng. |
| 5 |
| E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla. |
| 6 |
| Tlotla ya yona e kgolo ka thuso ya hao, o e apesitse kganya le hlompho. |
| 7 |
| O e neile mahlohonolo ho isa kgale, wa e thabisa haholo ka boteng ba hao. |
| 8 |
| Kgosi e tshepile Morena, ka baka la mohau wa Ya Hodimodimo, e ke ke ya sisinngwa. |
| 9 |
| Letsoho la hao, kgosi, le tla fihlela dira tsohle tsa hao, letsoho la hao le letona le tla fihlela bohle, bohle ba o hloileng; |
| 10 |
| hang ha o hlaha, o tla ba fedisa; o ba fedise eka ba ka seboping sa mollo. Morena o tla ba metsa ha a halefile, mollo o ba tjhese. |
| 11 |
| O tla hlakola bana ba bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho. |
| 12 |
| Ha ba rera ho o etsetsa bobe, ha ba loha mano, ba ke ke ba atleha; |
| 13 |
| o tla etsa hore ba o supe ka direthe, o hule seqha sa hao ho ba fula. |
| 14 |
| Thusa, Morena, ka matla a hao! Re tla bina, re roke bonatla ba hao. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/021.mp3
150
21