×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 22

1
Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.
2
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O hole le ho mpholosa, ha o utlwe ho dumaela ha ka.
3
Modimo wa ka, ke ipiletsa le motsheare, empa ha o nkarabe; ke howa le bosiu, ha ke kgutse.
4
Athe wena o a halelela, wena eo Iseraele a o binelang dithoko.
5
Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa; ba o tshepa, mme wa ba namolela.
6
Ba nnile ba o llela, mme ba phonyoha; ba o tshepa, mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.
7
Empa nna ke seboko, ha ke motho; ke sekgobo ho bohle, ke nyediswa ke setjhaba.
8
Bohle ba mponang ba a ntshoma, ba nnyekoletsa melomo, ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:
9
“O tshepile Morena! A ke a mo lopolle, a mo pholose haeba a mo rata!”
10
Athe ke wena ya nntshitseng popelong ya mme, wa etsa hore mme a ntshike sefubeng sa hae;
11
ke abetswe wena ho tloha tswalong ya ka, o bile Modimo wa ka ke sa le popelong ya mme.
12
Se be hole le nna, hobane matshwenyeho a haufi, mme ha ho ya ka nthusang.
13
Dipohwana tse ngata di ntikile, dipoho tsa ditonana tsa Bashane di mpokanetse;
14
dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.
15
Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka;
16
mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.
17
Dintja tse ngata di ntikile, sehlopha sa dinokwane se ntikanetse, tsena di ntlepotse maoto le matsoho.
18
Nka bala masapo a ka kaofela. Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse;
19
ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola aparo sa ka ka lotho.
20
Empa wena Morena, o se be hole le nna; wena, matla a ka, potlakela ho nthusa.
21
Pholosa bophelo ba ka saboleng; ke bona feela, bo pholose marong a ntja.
22
Mpholose ditleneng tsa tau; nna ya fokolang mpholose nakeng tsa dinare.
23
Ke tla tumisa lebitso la hao hara bana beso, ke o rorise hara phutheho, ke re:
24
“Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng.
25
“Ha a a ka a nyedisa ya hlophehileng, leha e le ho se tsotelle bohlophehi ba hae; ha a a ka a mo patela fahleho sa hae, empa o ile a utlwa ha a mo llela.”
26
Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo, kapele ho ba o hlomphang, ke phethe dikano tsa ka.
27
Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.
28
Lefatshe ka bophara ba lona le hopole Morena, le ke le kgutlele ho yena; merabe yohle ya lefatshe e itihele, e ke e itihele maotong a hae;
29
hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba.
30
Bohle ba nang le matla lefatsheng ba tla itihela maotong a hae; bohle ba fellang leroleng ba tla mo kgumamela. Nna ke tla phelela yena;
31
ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa. Meloko e tlang e tla tsebiswa Morena,
32
setjhaba se esong ho tswalwe se tla senolelwa ho loka ha hae: Ona ke mosebetsi wa Morena.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha