BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Morena ke modisa wa ka, ha ke hloke letho. |
| 2 |
| o nkatla makgulong a matala, o nkisa pela metsi moo ke tla phomola teng. |
| 3 |
| Ke mmusapelo: O ntsamaisa tseleng tsa ho loka, ka baka la lebitso la hae. |
| 4 |
| Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa. |
| 5 |
| O ntokisetsa dijo mahlong a dira tsa ka; o nkamohela ka ho ntlotsa hlooho ka ole, le ka ho tlatsa mohope wa ka haholo. |
| 6 |
| Ruri lehlohonolo le mohau di tla ba le nna, ka matsatsi wohle a bophelo ba ka; mme ke tla phela ka tlung ya Morena, ke phele kateng kamehla yohle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/023.mp3
150
23