|
| 1 |
|
| Pesalema ya Davida. Morena ke o rapela ka moya wa ka wohle, |
|
| 2 |
|
| ke rapela wena Modimo wa ka. Ke o tshepile, ke se ke ka hlajwa ke dihlong; dira tsa ka di se ke tsa ntsheha. |
|
| 3 |
|
| Bohle ba o tshepang ha ba hlajwe ke dihlong, dihlong di hlaba ba sa tshepahaleng. |
|
| 4 |
|
| Morena, mpontshe ditsela tsa hao, o nthute mehlala ya hao. |
|
| 5 |
|
| Ntsamaise nneteng ya hao, o nthute yona, hobane wena o Modimo ya mpholosang; ke o lebeletse ka matsatsi wohle, ka baka la molemo wa hao Morena. |
|
| 6 |
|
| Morena, hopola lerato le mohau wa hao, hobane esale o le teng ho tloha kgale. |
|
| 7 |
|
| Nteballe dibe le ditlolo tsa botjha ba ka, nkgopole ka mohau wa hao. |
|
| 8 |
|
| Morena o molemo, o lokile; kahoo o busetsa baetsadibe tseleng. |
|
| 9 |
|
| Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng, o ruta ba eisehang tsela ya hae. |
|
| 10 |
|
| Ditsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le botshepehi, ho ba bolokang selekane sa hae, le ho ba bolokang ditemoso tsa hae. |
|
| 11 |
|
| Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo. |
|
| 12 |
|
| Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha. |
|
| 13 |
|
| Eo o tla phela ka boiketlo, lefatshe e tla ba lefa la ditloholo tsa hae. |
|
| 14 |
|
| Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae. |
|
| 15 |
|
| Mahlo a ka a tadimile Morena kamehla, hobane ke yena ya tshwasollang maoto a ka lerabeng. |
|
| 16 |
|
| Retelehela ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, mme ke hlophehile. |
|
| 17 |
|
| Fedisa matshwenyeho a pelo ya ka, o nntshe makaqabetsing a ka. |
|
| 18 |
|
| Tadima ho hlopheha ha ka le tsietsi ya ka, mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle. |
|
| 19 |
|
| Bona kamoo dira tsa ka di leng ngata kateng, le kamoo di ntlhoileng hampe kateng. |
|
| 20 |
|
| Ako baballe bophelo ba ka, o nnamolele, ke se ke ka hlajwa ke dihlong, kaha ke tshabela ho wena. |
|
| 21 |
|
| Ako ntshireletse hobane ke hloka kodi, ke lokile; hobane ke o lebeletse, Morena. |
|
| 22 |
|
| Modimo, ako lopolle Iseraele, o mo lopolle matshwenyehong a hae wohle. |
|
|
|
|