BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Ke ipiletsa ho wena Morena; Lefika la ka, ntshekehele tsebe, esere ha o sa mmamele, ka ba jwaloka ba theohelang, ba theohelang lebitleng. |
| 2 |
| Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. |
| 3 |
| Se nkahlole le ba kgopo, ba etsang tse sa lokang, ba buisanang le batho ka kgotso, empa pelo tsa bona di tletse bobe. |
| 4 |
| Ba putse ho ya ka mesebetsi ya bona, ho ya ka bobe ba diketso tsa bona; ba putse ho ya ka mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a bona, o ba nee tse ba lokelang. |
| 5 |
| Kaha ba sa natse diketso tsa Morena, le ho tsotella mesebetsi, Mesebetsi ya matsoho a hae, o tla ba tamolla, a ba timetse. |
| 6 |
| Ho bokwe Morena, hobane o utlwile thapedi ya ka. |
| 7 |
| Morena ke matla a ka le thebe ya ka; pelo ya ka e mo tshepile, mme o nthusitse; pelo ya ka e nyakaletse, ke mmoka ka dipina. |
| 8 |
| Morena ke matla a setjhaba sa hae, ke setshabelo se pholosang, setshabelo sa Motlotsuwa wa hae. |
| 9 |
| Pholosa setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao; o se fepe, o se pepe kamehla le mehla. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/028.mp3
150
28