×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 3

1
Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.
2
Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,
3
ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”
4
Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.
5
Ha ke ipiletsa ho Morena, o nkaraba a le thabeng ya hae e halalelang.
6
Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe, ke be ke itsohele, hobane Morena o na le nna.
7
Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.
8
Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.
9
Pholoho e tswa ho Morena. Tlhohonolofatso ya hao e ke e be hodima setjhaba sa hao.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha