×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 30

1
Pesalema ya Davida. Sefela sa ho kgakola tempele.
2
Ke a o tumisa, Morena, hobane o mpholositse; ha o a ka wa tlohela dira tsa ka ho ithabisa ka nna.
3
Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa, ka ipiletsa ho wena, mme wa mphodisa.
4
Morena, o nnyolotse Nqalong ya Bafu, wa nkgutlisa ho ba neng ba theohela lebitleng.
5
Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.
6
Kgalefo ya hae ke ya motsotswana feela, lerato la hae ke la bophelo bohle ba motho. Leha nka robala ka meokgo, ha bo esa e se e le nyakallo.
7
Ha ke ne ke sa iketlile, ka na ka re: “Nke ke ka sisinngwa le ka mohla!”
8
Morena, ka mohau wa hao o ntshireleditse qhobosheaneng; yare ha o mpatela fahleho sa hao, ka tshoha haholo.
9
Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re:
10
“O ka ruang ka madi a ka, le ka ho theohela ha ka lebitleng? Na bafu ba ka o boka, kapa ba bolela botshepehi ba hao?
11
Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”
12
Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo; o ntlhobodisitse thapo, wa nkapesa seaparo sa thabo,
13
e le hore moya wa ka o tle o o roke o sa kgaotse; Morena Modimo wa ka, ke tla o boka kamehla le mehla.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha