BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Ho lehlohonolo ya tshwaretsweng tlolo ya hae, eo sebe sa hae se hlakotsweng. |
| 2 |
| Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng molato, eo moya wa hae o se nang thetso. |
| 3 |
| Ha ke ne ke sa kgutsitse, ke ne ke opelwa ke masapo ke ho dumaela letsatsi lohle. |
| 4 |
| Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula. |
| 5 |
| Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka. |
| 6 |
| Ka baka leo, bohle ba tshepahalang ba tla o rapela ka nako ya tsietsi. Leha merallo ya metsi e ka aparela hohle, e ke ke ya fihla ho bona. |
| 7 |
| O setshabelo sa ka, o tla mphemisa matshwenyeho; o nteela hare, o a ntopolla. |
| 8 |
| Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo. |
| 9 |
| O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola. |
| 10 |
| Mahlomola a ya kgopo a mangata, athe ya tshepileng Morena o teetswe hare ke mohau wa hae. |
| 11 |
| Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/032.mp3
150
32