×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 33

1
Etsetsang Morena ditlatse, lona ba lokileng, ho mo rorisa ho tshwanela ba pelo di ntle.
2
Bokang Morena ka harepa, mo rokeng ka seletsa se kgwele di leshome.
3
Mmineleng sefela se setjha, letsang ka bokgabane, le etse mehoo ya thabo.
4
Efela lentswe la Morena le lokile, mesebetsi yohle ya hae ke ya nnete.
5
O rata ho loka le toka; lefatshe lohle le tletse mohau wa Morena.
6
Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.
7
Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae.
8
Lefatshe lohle le ke le tshabe Morena, baahi bohle ba lona ba mo hlomphe.
9
O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.
10
Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe.
11
Merero ya Morena e tiile kamehla, mehopolo ya pelo ya hae ke ya kamehla.
12
Ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona, morabe oo a ikgethetseng wona, a ikgethela wona ho ba leruo la hae.
13
Morena o tadima a le mahodimong, a bone bana bohle ba batho;
14
a le leahong la hae o sheba baahi bohle ba lefatshe.
15
Ke yena ya bopileng pelo tsa bona, ya tsebang mesebetsi yohle ya bona.
16
Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae.
17
Ke lefeela ho tshepa ho pholoswa ke pere ya ntwa, e ke ke ya pholosa motho ka matlahadi a yona.
18
Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,
19
e le hore a tle a ba lopolle lefung, le ho ba phedisa nakong ya tlala.
20
Meya ya rona e lebeletse Morena, e leng yena thuso le thebe ya rona.
21
Pelo tsa rona di a mo thabela, re tshepile lebitso la hae le halalelang.
22
Morena, mohau wa hao o ke o be le rona, hobane re tshepile wena.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha