|
| 1 |
|
| Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela. |
|
| 2 |
|
| Ke tla boka Morena ka nako tsohle, ke nne ke mo rorise kamehla. |
|
| 3 |
|
| Ke ithorisa ka Morena, ba eisehang ba ke ba utlwe, mme ba thabe. |
|
| 4 |
|
| A re tlotliseng Morena re le mmoho, a re phafeng lebitso la hae, re le phafe hammoho. |
|
| 5 |
|
| Ke ile ka batla Morena, mme a nkaraba, a ntopolla matswalong wohle a ka. |
|
| 6 |
|
| Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo. |
|
| 7 |
|
| Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae. |
|
| 8 |
|
| Lengeloi la Morena le sireletsa kamahohle ba mo tshabang, mme le a ba namolela. |
|
| 9 |
|
| Latswang, le utlwe molemo wa Morena! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena. |
|
| 10 |
|
| Tshabang Morena, lona bahalaledi ba hae, hobane ba mo tshabang ha ba hloke letho. |
|
| 11 |
|
| Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo. |
|
| 12 |
|
| Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena. |
|
| 13 |
|
| Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo? |
|
| 14 |
|
| Tshwara leleme la hao le se bue tse mpe, le molomo wa hao o se bue leshano. |
|
| 15 |
|
| Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle. |
|
| 16 |
|
| Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe. |
|
| 17 |
|
| Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa. |
|
| 18 |
|
| Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona. |
|
| 19 |
|
| Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng. |
|
| 20 |
|
| Mahlomola a ya lokileng a mangata, empa Morena o mo lopolla ho wona wohle. |
|
| 21 |
|
| O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha. |
|
| 22 |
|
| Bobe bo tla timetsa ya kgopo, ba hloileng ya lokileng ba tla ahlolwa. |
|
| 23 |
|
| Morena o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; ho ba tshabelang ho yena, ha ho le ya mong ya tla ahlolwa. |
|
|
|
|