BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Ya kgopo o laolwa ke sebe, sebe se botebong ba pelo ya hae; ho tshaba Modimo ha ho yo ho yena. |
| 3 |
| Mehopolong ya hae o a ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, hoo a sa se hloyeng. |
| 4 |
| Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle. |
| 5 |
| O rera bokgopo a ntse a le phateng tsa hae, o tsamaya tseleng e sa lokang, ha a kgese bobe. |
| 6 |
| Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung, |
| 7 |
| ho loka ha hao ho jwaloka thaba tse telele, dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba, bodiba bo tebileng: Morena, o pholosa motho le yona phoofolo. |
| 8 |
| Modimo, mohau wa hao ke wa bohlokwa hakaakang! Bana ba batho ba tshabela moriting, moriting wa mapheo a hao. |
| 9 |
| Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao. |
| 10 |
| Sediba sa bophelo se ho wena, mme ka sedi la hao re bona lesedi. |
| 11 |
| O nne o be mohau ho ba o tsebang, o nne o sitse ba pelo di ntle ka ho loka ha hao. |
| 12 |
| Moikgohomosi a se bee leoto pela ka, letsoho la ya kgopo le se nteleke. |
| 13 |
| Ba etsang bokgopo ke bao, ba wele! Ba dihetswe fatshe, ba ke ke ba hlola ba tsoha. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/036.mp3
150
36