|
| 1 |
|
| Pesalema ya Davida. O se ke wa itlhonamisa ka ba etsang bokgopo, o se ke wa honohela ba etsang tse sa lokang. |
|
| 2 |
|
| Ba tla omella kapele jwaloka jwang, ba tla pona jwaloka ditlama, ditlama tse talana. |
|
| 3 |
|
| Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso. |
|
| 4 |
|
| Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao. |
|
| 5 |
|
| Ipee matsohong a Morena; o mo tshepe, ho tla sebetsa yena. |
|
| 6 |
|
| O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo. |
|
| 7 |
|
| Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo. |
|
| 8 |
|
| Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe. |
|
| 9 |
|
| Ba etsang bokgopo ba tla fediswa; empa ba tshepang Morena lefatshe e tla ba lefa la bona. |
|
| 10 |
|
| Ho se ho se hokae: Ya kgopo o tla be a nyametse; leha o tadima tulong tsa hae, o tla be a le siyo. |
|
| 11 |
|
| Ba ikokobetsang, lefatshe e tla ba lefa la bona, ba thabele kgotso e phethehileng. |
|
| 12 |
|
| Ya kgopo o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno; |
|
| 13 |
|
| empa Morena o tsheha ya kgopo, hobane o bona hore tsatsi la hae le a tla. |
|
| 14 |
|
| Ba kgopo ba tsomula sabole tsa bona, ba hula diqha tsa bona, ho fula bahlophehi le mafutsana, ho bolaya ba metsamao e metle. |
|
| 15 |
|
| Sabole tsa bona di tla ba hlaba dipelo, diqha tsa bona di tla robeha. |
|
| 16 |
|
| Sejosenyane sa ya lokileng se molemo ho ena le kgora ya ya kgopo; |
|
| 17 |
|
| hobane matla a ya kgopo a tla fediswa, athe Morena o tshehetsa ya lokileng. |
|
| 18 |
|
| Morena o tseba ditshiu tsa ba hlokang kodi, lefa la bona e tla ba le sa feleng. |
|
| 19 |
|
| Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora. |
|
| 20 |
|
| Empa ba kgopo ba tla timela; bao e leng dira tsa Morena ba tla fela jwaloka botle ba makgulo, ba nyamele jwaloka mosi. |
|
| 21 |
|
| Ya kgopo o a adima, empa ha a busetse; ya lokileng o na le mohau, o a fana. |
|
| 22 |
|
| Bao Morena a ba hlohonolofaditseng lefatshe e tla ba lefa la bona; bao a ba rohakileng ba tla fediswa. |
|
| 23 |
|
| Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona. |
|
| 24 |
|
| Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho. |
|
| 25 |
|
| Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe. |
|
| 26 |
|
| Kamehla ya lokileng o mohau, o a adimana, mme ditloholo tsa hae ke tlhohonolofatso. |
|
| 27 |
|
| Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla. |
|
| 28 |
|
| Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa. |
|
| 29 |
|
| Ba lokileng lefatshe e tla ba lefa la bona, ba phele ho lona kamehla le mehla. |
|
| 30 |
|
| Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka. |
|
| 31 |
|
| Molao wa Modimo wa hae o ka pelong ya hae, maoto a hae ha a thelle. |
|
| 32 |
|
| Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya. |
|
| 33 |
|
| Morena a ke ke a mo tlohella matsohong a eo, Morena a ke ke a dumela hore a ahlolwe, a fumanwe a le molato, ha a qoswa. |
|
| 34 |
|
| Tshepa Morena, o tiye tseleng ya hae; o tla o phahamisa, lefatshe e tle e be lefa la hao, mme o bone ba kgopo ha ba fediswa. |
|
| 35 |
|
| Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela; |
|
| 36 |
|
| ka boela ka feta, ka bona a se a le siyo; ka mmatla, a se ke a hlola a fumanwa. |
|
| 37 |
|
| Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo; |
|
| 38 |
|
| empa baetsadibe ba tla timetswa ho hang, le ditloholo tsa ba kgopo di tla fediswa. |
|
| 39 |
|
| Pholoho ya ba lokileng e tswa ho Morena, ke yena setshabelo sa bona nakong ya tlokotsi. |
|
| 40 |
|
| Morena o a ba thusa, o a ba lopolla; o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo, a ba pholose, hobane ba tshabetse ho yena. |
|
|
|
|