BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune. |
| 2 |
| Ke ile ka re: “Ke tla hlokomela metsamao ya ka, ke tle ke se ke ka etsa sebe ka leleme la ka; ke tla tshwara leleme la ka ha ya kgopo a ntse a le pela ka.” |
| 3 |
| Ke ne ke kgutsitse jwaloka semumu, ke thotse; ka baka la katleho ya hae, bohloko ba ka ba nna ba tota, |
| 4 |
| pelo ya ka ya tlallana, ha ke ntse ke fehelwa ka tuka malakabe, ka ba ka bua, ka re: |
| 5 |
| “Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang! |
| 6 |
| Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela. |
| 7 |
| “Motho ya tsamayang o ka seriti feela, maruo ao a ipokellelang wona ke lefeela; ha a tsebe hore na a tla sebediswa ke mang.” |
| 8 |
| Jwale, Morena, ekaba ke sa lebeletseng? Tshepo ya ka e ho wena. |
| 9 |
| Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle, se nketse sesomo ho dithoto. |
| 10 |
| Ke jwaloka semumu, ha ke na puo, hobane ke wena ya sebetsang. |
| 11 |
| Mphemise dikotlo tsa hao, letsoho la hao le nqetile. |
| 12 |
| O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela. |
| 13 |
| Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe, o se hane ho mamela sello sa ka. Ke mojaki naheng ya hao, ke mofeti jwaloka bo-ntate. |
| 14 |
| Se ntjamele, ke tle ke thabe, ke eso ikele, mme ka ba siyo. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/039.mp3
150
39