BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. |
| 2 |
| Oho, Modimo, mosireletsi wa ditokelo tsa ka, ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena. O ntokolotse matshwenyehong a ka; nkgauhele, o mamele thapelo ya ka. |
| 3 |
| Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano? |
| 4 |
| Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena. |
| 5 |
| Tshabang Modimo, le se hlole le etsa sebe; tholang, mme le thuise tsena ka dipelong, le di thuise ha le le diphateng. |
| 6 |
| Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena. |
| 7 |
| Ba bangata ba re: “Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang?” Oho, Morena, re phuthollele sefahleho sa hao. |
| 8 |
| O thabisitse pelo ya ka ho feta mohla batho ba atetsweng ke koro le veine. |
| 9 |
| Ke tla ithoballa ka kgotso, ke kgalehe hanghang, hobane Morena ke wena feela, ke wena feela ya ntshireletsang kahohle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/004.mp3
150
4