BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Ho lehlohonolo ya hlokomelang mofutsana; Morena o tla mo lopolla, a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi. |
| 3 |
| Morena o tla mo sireletsa, a mo phedise hamonate lefatsheng; a ke ke a tlohella dira tsa hae ho etsa borata ka yena. |
| 4 |
| Morena o tla mo thusa diphateng tsa lefu, a nne a fetole diphate tsa hae, a di fetole ha a ntse a kula. |
| 5 |
| Ha e le nna ke ile ka re: “Morena, nkgauhele, mphodise hobane ke o sitetswe.” |
| 6 |
| Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re: “O tla shwa neng, lebitso la hae le tswe le fela?” |
| 7 |
| Ha motho a tlilo mpona, o bua mafeela, pelo ya hae e rwalla tse mpe, tseo etlare hoba a tswe, a tsamaye a di hasanya. |
| 8 |
| Bohle ba ntlhoileng ba bokanela ho ntsheba, ba ntherela bomadimabe. |
| 9 |
| Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.” |
| 10 |
| Esita le motswalle wa hlooho ya kgomo, eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe. |
| 11 |
| Empa wena Morena, ako nkgauhele, o ntsose, ke tle ke ba buseletse. |
| 12 |
| Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna. |
| 13 |
| O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla. |
| 14 |
| Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Amen. Amen. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/041.mp3
150
41