BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Jwalokaha kgama e labalabela metsi a melatswana, le wona moya wa ka o o labalabela jwalo, o labalabela wena Modimo. |
| 3 |
| Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo? |
| 4 |
| Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?” |
| 5 |
| Moya wa ka o a qhashoha, o qhashoha ha ke hopola tsena: Ke ne ke tsamaya mokolokong, ke o eteletse pele, ho ya tlung ya Modimo hara mehoo ya thabo le ya teboho, ha matshwele a eya moketeng. |
| 6 |
| Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka. |
| 7 |
| Moya wa ka o nyahame; ke kahoo ke o hopolang Modimo, ke le naheng ya Jorodane, le thabeng tsa Heremone, le thabaneng ya Misare. |
| 8 |
| Bodiba bo arabela bodiba ka ho hwasa ha diphororo tsa hao, maqhubu le merallo yohle ya hao e fetile hodima ka. |
| 9 |
| Motsheare Morena o tla ntshitsa, a ntshitse ka mohau wa hae; bosiu ke tla mminela, ke rapele Modimo ya mphedisang. |
| 10 |
| Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera? |
| 11 |
| Ke robehile ditho ke ho tlakwa ke dira tsa ka, ha kamehla di ntse di re ho nna: “O kae Modimo wa hao?” |
| 12 |
| Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/042.mp3
150
42