1
Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.
2
Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.
3
O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla.
4
Wena mohale, tlamella sabole ya hao qholong; ka hlompho le ka botlotlehi ba hao,
5
palama, o hlole, o lwanele nnete, le boikokobetso, le ho loka. Tsoho la hao le letona le o etsetse diketso tse makatsang.
6
Metsu ya hao e leotsehile, ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao, dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.
7
Terone ya hao, Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso ke lere la toko.
8
O rata ho loka, o hloile bokgopo. Kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane ba hao;
9
aparo tsa hao tsohle di nonoditswe ka mmira, le ka lekgala, le ka sente. Matlung a kgabisitsweng ka manaka a tlou ho utlwahala harepa tse o thabisang.
10
Kgosatsana di teng hara mafumahatsana, mafumahatsana a hao a lomphehang; mofumahadi o eme tsohong la hao le letona, o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.
11
Mamela, morwetsana; bona, o sekehe tsebe; tela tjhaba sa heno le lapa leno,
12
hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle, e tjhatjhehele botle ba hao haholo. Kahobane ke yona monga hao, o itihe maotong a yona.
13
Ba motse wa Tire ba tla o nyehella ka dimpho, barui ba baditjhaba ba tla batla thuso ya hao.
14
Kgosatsana e kena e le Seilatsatsi, aparo tsa yona di homilwe ka kgauta;
15
e iswa ho kgosi e apere tse mahadihadi. Baetsana ba barwetsana ba tliswa ho kgosi.
16
Ba tliswa ka thabo le nyakallo, ba kena ka tlung ya kgosi.
17
Tulong tsa bo-ntatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana naheng yohle.
18
Ke tla etsa hore bitso la hao le hopolwe ke meloko yohle; ka baka leo, tjhaba di tla o boka, di o boke kamehla le mehla.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.