BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo. |
| 3 |
| Morena ya hodimodimo o a tshabeha; ke yena kgosi e kgolo, kgosi ya lefatshe lohle. |
| 4 |
| O bea ditjhaba tlasa puso ya rona, merabe katlasa maoto a rona. |
| 5 |
| O re kgethela lefa la rona, bokgabane ba Jakobo eo a mo ratileng. |
| 6 |
| Modimo o nyolohile ka mehoo ya thabo, Morena o nyolohile ka modumo, ka modumo wa terompeta. |
| 7 |
| Rokang Modimo, mo rokeng; rokang kgosi ya rona, e rokeng. |
| 8 |
| Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke. |
| 9 |
| Modimo o rena hodima ditjhaba, Modimo o dutse teroneng, teroneng ya hae e halalelang. |
| 10 |
| Mahosana a ditjhaba a bokane hammoho, hore e be setjhaba sa Modimo wa Aborahama; hobane babusi ba lefatshe ke ba Modimo, mme yena o kahodimodimo ho bohle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/047.mp3
150
47