BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. |
| 2 |
| Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang. |
| 3 |
| Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo. |
| 4 |
| Modimo o teng matlung a bokgosi, matlung a bokgosi a motse oo, yena o tsejwa e le qhobosheane. |
| 5 |
| Bonang, dikgosi di ile tsa kopana, tsa o futuhela di le mmoho. |
| 6 |
| Tsa o bona, mme tsa hlollwa; tsa ferekana, mme tsa baleha. |
| 7 |
| Tsa tshwarwa ke thothomelo, ya di tshwara hona moo, le bohloko bo kang ba pelehi; |
| 8 |
| jwalokaha moya wa botjhabela o pshatlakanya dikepe, kepe tsa Tarashishe. |
| 9 |
| Seo re se utlwileng re bile re se bone motseng wa Morena wa mabotho, motseng wa Modimo wa rona, oo Modimo a o tiisitseng ka ho sa feleng. |
| 10 |
| Modimo, re hopola mohau wa hao re le ka Tempeleng ya hao. |
| 11 |
| Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka. |
| 12 |
| Thaba ya Sione e ke e thabe; metse ya Juda e ke e nyakalle ka baka la kahlolo tsa hao. |
| 13 |
| Potapotang Sione, le e potolohe, balang ditora tsa yona; |
| 14 |
| elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re: |
| 15 |
| “Enwa ke Modimo, ke Modimo wa rona kamehla le mehla, o tla re tsamaisa.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/048.mp3
150
48