BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo. |
| 2 |
| Oho, Morena, ako sekehele mantswe a ka tsebe, o mamele mefehelo ya ka. |
| 3 |
| Wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ako utlwe ha ke llela thuso. Ke rapela wena Morena, |
| 4 |
| hoseng o utlwa sello sa ka; hoseng ke lokisa sehlabelo, mme ke lebella karabelo ya hao. |
| 5 |
| O Modimo ya sa thabeleng bokgopo; motho e mobe o ke ke wa mo amohela. |
| 6 |
| Baikgohomosi ba ke ke ba ema pela sefahleho sa hao; o hloile bohle ba etsang tse sa lokang. |
| 7 |
| O timetsa ba leshano; Morena o nyonya babolai le bathetsi. |
| 8 |
| Empa nna nka kena tlung ya hao, ka baka la boholo ba mohau wa hao. Ke tla o kgumamela ka tshabo, ka Tempeleng ya hao e halalelang. |
| 9 |
| Morena, ako ntataise ka ho loka ha hao, ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng. Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna. |
| 10 |
| Melomong ya dira tsa ka ha ho nnete e tswang, dipelong tsa tsona di rera ho timetsa, mmetso ya tsona ke lebitla le ahlameng, maleme a tsona a monate. |
| 11 |
| Modimo, di ahlolele molato wa tsona, di we ka baka la merero ya tsona. Di leleke ka baka la ditlolo tsa tsona tse ngata, hobane di o teletse. |
| 12 |
| Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele. |
| 13 |
| Ke wena Morena, ya hlohonolofatsang ya lokileng, o mo sireletsa ka mohau wa hao jwalokaha eka ke thebe. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/005.mp3
150
5