|
| 1 |
|
| Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela. |
|
| 2 |
|
| Modimo o kganya a le Sione, motseng o motlemotle. |
|
| 3 |
|
| Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare. |
|
| 4 |
|
| O bitsa mahodimo le lefatshe ho tla kahlolong ya setjhaba sa hae. |
|
| 5 |
|
| O re: “Bokellang batshepuwa ba ka, le ba bokelle kapele ho nna, e leng ba entseng selekane le nna ba se entseng ka mahlabelo.” |
|
| 6 |
|
| Mahodimo a bolela ho loka ha hae, kaha Modimo ke yena moahlodi. |
|
| 7 |
|
| “Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao. |
|
| 8 |
|
| Ha ke o nyatsetse mahlabelo a hao, hobane ha o kgaotse ho nnyehella ka ditjheso. |
|
| 9 |
|
| Nke ke ka amohela poho ya saka la hao, leha e le phooko ya mohlape wa hao; |
|
| 10 |
|
| hobane dibatana tsohle tsa meru ke tsa ka, le tsona diphoofolo tse diketekete dithabeng. |
|
| 11 |
|
| Ke tseba dinonyana tsohle tse sepakapakeng, le dinyamatsane tsohle tsa naha ke tsa ka. |
|
| 12 |
|
| Hoja ke ne ke lapile, ke ne ke sa tlo o bolella, hobane lefatshe ke la ka, le tsohle tse ho lona. |
|
| 13 |
|
| Na ke ja nama ya dipoho? Kapa ke nwa madi a diphooko? |
|
| 14 |
|
| Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo. |
|
| 15 |
|
| Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.” |
|
| 16 |
|
| Empa ho ya kgopo Modimo o re: “O na le tokelo efe ya ho bolela melao ya ka, kapa ho boledisa selekane sa ka, o se boledisa ka molomo wa hao, |
|
| 17 |
|
| athe o hloile ho kgalemelwa, o lahlile mantswe a ka ho hang? |
|
| 18 |
|
| Ha o bona leshodu, o so kgema le lona; o motswalle wa difebe. |
|
| 19 |
|
| O dumella molomo wa hao ho bua tse mpe, leleme la hao le loha mano. |
|
| 20 |
|
| O duletse ho bua ngwaneno hampe; o silafatsa ngwana mmao. |
|
| 21 |
|
| Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao. |
|
| 22 |
|
| “Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang. |
|
| 23 |
|
| Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.” |
|
|
|
|