×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 52

1
Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;
2
ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.
3
O ithorisetsang ka bobe, wena ya sehloho? Tseba, mohau wa Modimo ke wa kamehla yohle.
4
O ntse o rera ho timetsa ba bang, leleme la hao le ka lehare le bohale, wena ya etsang bolotsana.
5
O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete.
6
O rata dipuo tse timetsang, wena ya leleme le thetsang!
7
Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.
8
Ba lokileng ba tla bona tsena, mme ba tshabe; ba tla mo tsheha, ba re:
9
“Bonang motho ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae, ya itshepetseng bongata ba maruo a hae, ya entseng bokgopo setshabelo sa hae.”
10
Empa nna, ka tlung ya Modimo, ke jwaloka sefate sa mohlwaare, fate se setalana; ke tshepa mohau wa Modimo, ke o tshepa kamehla le mehla.
11
Ke tla o boka kamehla ka seo o se entseng, ke tlotlise bitso la hao ke le hara batshepuwa ba hao, hobane wena o molemo.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha