BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate. |
| 2 |
| Oho, Modimo, ako nkgauhele, hobane batho ba a nkgatakela, ba ntwantshang ba mpatisitse kamehla, |
| 3 |
| Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla, ba bangata ba ntwantshang. |
| 4 |
| Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena. |
| 5 |
| Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang? |
| 6 |
| Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe. |
| 7 |
| Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka. |
| 8 |
| Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao. |
| 9 |
| O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao? |
| 10 |
| Ha ke ipiletsa ho wena, dira tsa ka di tla tjhetjha. Ke a tseba hore Modimo o na le nna. |
| 11 |
| Ke rorisa Modimo hobane ke a mo tshepa, ke rorisa Morena hobane ke a mo tshepa. |
| 12 |
| Ke tshepile Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang? |
| 13 |
| Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho, |
| 14 |
| hobane o mpholositse lefung, o phemisitse maoto a ka, wa a phemisa ho kgopjwa, ke tle ke tsamaye pontsheng ya Modimo, seding la ba phelang. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/056.mp3
150
56