BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule. |
| 2 |
| Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele, hobane ke tshabela ho wena. Ke tshabela moriting wa mapheo a hao, ho fihlela koduwa e ba e feta. |
| 3 |
| Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle. |
| 4 |
| A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae. |
| 5 |
| Ke dutse hara ditau tse harolang batho; meno a tsona a ka marumo le metsu, maleme a tsona a ka sabole tse bohale. |
| 6 |
| Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. |
| 7 |
| Ba tjhehile maoto a ka ka leraba, mme moya wa ka o siame; ba ntjheketse lemena, empa ke bona ba wetseng ka ho lona. |
| 8 |
| Pelo ya ka e matlafetse, Modimo, pelo ya ka e matlafetse; ke tla bina, ke o roke. |
| 9 |
| Tsoha, moya wa ka; tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe. |
| 10 |
| Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe; |
| 11 |
| hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung. |
| 12 |
| Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/057.mp3
150
57