BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. |
| 2 |
| Lona babusi, na ruri le ahlola ka ho loka? Na le ahlola batho ka toka? |
| 3 |
| Tjhe, ka dipelong tsa lona le rera tse kgopo, lefatsheng le etsa tse sehloho, le di etsa ka matsoho a lona. |
| 4 |
| Ba kgopo ba senyehile ho tloha popelong, ba leshano ba kgelohile ho tloha tswalong ya bona. |
| 5 |
| Mahloko a bona a tshwana le mahloko a noha; ba ithibile ditsebe sa marabe ya manganga, |
| 6 |
| ya sa utlweng lentswe la ya mo weweletsang, la ya mo bobisang ka bohlale ba hae. |
| 7 |
| Oho, Modimo, pshatla meno a bona, a pshatlelle ka mahanong a bona; oho, Morena, motsula meno, meno a mekwetsepe a ditawana. |
| 8 |
| Ba ke ba nyamele sa metsi a phallang, ba ke ba omelle sa jwang bo hataketsweng. |
| 9 |
| Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi. |
| 10 |
| Etlare ba eso lemohe a ba fothole sa hlabahlabane, a ba fefole sa lehola ka kgalefo, ka kgalefo ya hae e tukang. |
| 11 |
| Ya lokileng o tla thaba ha a bona phetetso, o tla hlatswa maoto a hae ka madi a ba kgopo. |
| 12 |
| Batho ba tla re: “Ruri, ya lokileng o newa moputso; ruri, Modimo o teng, o ahlola batho lefatsheng.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/058.mp3
150
58