BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele, le ka seletsa se kgwele tse robedi. |
| 2 |
| Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale. |
| 3 |
| Nkgauhele Morena, hobane ke feletswe ke matla; mphodise Morena, hobane ke opelwa ke masapo, |
| 4 |
| mme ke sarelwa haholo. Empa wena Morena, o tla dieha ho fihlela neng? |
| 5 |
| Kgutla Morena, o nnamolele, o mpholose ka baka la mohau wa hao. |
| 6 |
| Bafu ba ke ke ba o hopola; ke mang ya ka o tlotlisang Nqalong ya Bafu? |
| 7 |
| Ke kgathetse ke ho nna ke fehelwa; ka masiu wohle ke kolobisa diphate, ke kolobise diphate tsa ka ka meokgo, ke tshela mosamo wa ka ka dikgapha. |
| 8 |
| Mahlo a ka a motela ke maswabi, a fifala ka baka la batubi ba ka. |
| 9 |
| Tlohang ho nna, lona bohle ba kgopo, hobane Morena o utlwile sello sa ka. |
| 10 |
| Morena o utlwile kopo ya ka, Morena o amohetse thapelo ya ka. |
| 11 |
| Dira tsa ka tsohle di tla hlajwa ke dihlong, di tshohe haholo; di tla tjhetjha, di hlajwe ke dihlong hanghang. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/006.mp3
150
6