BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”. |
| 2 |
| Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai. |
| 3 |
| Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona. |
| 4 |
| O reketlisitse lefatshe, wa le petsola; ako thibe mapatso a lona, hobane le a qhehemana. |
| 5 |
| O bontshitse tjhaba sa hao bothata, O re nwesitse jwala bo re tsekedisang. |
| 6 |
| O mokgele ho ba o tshabang, hore ba phonyohe metsu ya sera, |
| 7 |
| baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe. |
| 8 |
| Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto. |
| 9 |
| Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso. |
| 10 |
| Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa, leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo yona ke tla e hapa, Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.” |
| 11 |
| Ke mang ya tla nkisa motseng, motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo, |
| 12 |
| ha e le moo wena, Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona? |
| 13 |
| Ako re thusetse direng tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela. |
| 14 |
| Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/060.mp3
150
60